Dipesaleme 146:7-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. O ahlolela ba tujwang, o fa ya lapileng bohobe. Jehova o lokolla batshwaruwa;

8. Jehova o tutubolla mahlo a difofu; Jehova o emisa ba inamisitsweng; Jehova o rata ba lokileng.

9. Jehova o sireletsa baditjhaba, o emisa kgutsana le mohlolohadi; empa o kgelosa tsela ya ba bolotsana.

10. Jehova o rena ka ho sa yeng kae. Modimo wa hao, Sione, o ntse o le teng melokong yohle, Bokang Jehova!

Dipesaleme 146