Dipesaleme 142:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke bitsa ho Jehova ka lentswe la ka; ke rapela Jehova ka lentswe la ka la thapedisiso.

2. Ke tshela modumaelo wa ka pela hae, ke mo beela tsieleho ya ka.

3. Yare ha moya wa ka o tepella ka ho nna, o tseba tsela ya ka. Ba ntjhehela mamena tseleng eo ke tsamayang ho yona.

4. Tadima ka ho le letona, mme o ele hloko; ha ke na motho ya ntsebang, ha ho moo nka balehelang teng, ha ho motho ya ntlhokomelang.

Dipesaleme 142