Dipesaleme 140:4-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Jehova, ntshireletse letsohong la e mobe, o mpoloke ho batho ba bohale, ba rerang ho kgothometsa maoto a ka!

5. Baikakasi ba mpatetse mamena le maraba, ba tjheha difi mosikong wa tsela, ba ntjhehetse mamena. (Sela.)

6. Ke ntse ke re ho Jehova: O Modimo wa ka. Jehova, o sekehele lentswe la dithapedisiso tsa ka tsebe!

7. Jehova Morena, matla a poloko ya ka, o sirela hlooho ya ka ka letsatsi la ntwa.

Dipesaleme 140