2. O tseba ha ke dula, leha ke tsoha; o tseba mohopolo wa ka, o le hole.
3. O ntekola leha ke tsamaya, leha ke robala, o tsebisisa ditsela tsa ka kaofela.
4. Hobane, ere lentswe le eso ho be lelemeng la ka, o se o le tseba kaofela, Jehova.
5. O ntika kapele le kamorao, letsoho la hao le dutse ho nna.
6. Tsebo eo ke mohlolo ho nna; e phahamile haholo, ke sitwa ho e fihlela.
7. Nka ya kae, ka ba hole le moya wa hao? Nka balehela kae, ka ba hole le sefahleho sa hao?
8. Ha nka nyolohela mahodimong, o teng; leha nka ya robala nqalong ya bafu, le moo o teng!
9. Leha nka kalla mapheo a mafube, ka ya ikahela bofellong ba lewatle, le teng seatla sa hao se ka ntsamaisa, mme letsoho la hao le letona le ka ntshwara.