18. Ha ke rata ho e bala, e fetisa lehlabathe ka palo; leha ke phaphama, ke sa ntse ke le ho wena.
19. Oho Modimo, o ke o bolaye e mobe. Lona, batho ba madi, suthelang hole le nna:
20. hobane bao e leng dira ho wena, ba o bolela hampe, ba ntse ba tlaela ka lebitso la hao.
21. Jehova, ha ke re, ke hloile ba o hloileng? Ha ke re, ke halefetse ba o phahamelang?
22. Ke ba hloile ka hloyo ya sebele, ho nna ke dira.
23. Modimo, o ntlhohlotse, o lekole pelo ya ka;
24. o nteke, o tsebe mehopolo ya ka, o tadime hoba a tsela ya bokgopo e teng ho nna na, mme o ntsamaise tseleng e isang bophelong bo sa feleng.