Dipesaleme 139:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova, o ntekile, mme o ntsebile,

2. O tseba ha ke dula, leha ke tsoha; o tseba mohopolo wa ka, o le hole.

3. O ntekola leha ke tsamaya, leha ke robala, o tsebisisa ditsela tsa ka kaofela.

4. Hobane, ere lentswe le eso ho be lelemeng la ka, o se o le tseba kaofela, Jehova.

5. O ntika kapele le kamorao, letsoho la hao le dutse ho nna.

6. Tsebo eo ke mohlolo ho nna; e phahamile haholo, ke sitwa ho e fihlela.

7. Nka ya kae, ka ba hole le moya wa hao? Nka balehela kae, ka ba hole le sefahleho sa hao?

8. Ha nka nyolohela mahodimong, o teng; leha nka ya robala nqalong ya bafu, le moo o teng!

Dipesaleme 139