Dipesaleme 138:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke tla o rorisa ka pelo ya ka yohle, ke o roke pela medimo;

2. ke o kgumamele pela ntlo ya hao e halalelang, ke roke lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le la nnete ya hao, hobane o phethile dipallo tsa hao ka diketso tse fetisang botumo ba hao kaofela.

3. Eitse ha ke bitsa, wa nkaraba, wa nnatlafatsa, matla a kena moyeng wa ka.

4. Jehova, marena wohle a lefatshe a tla o rorisa, ha a utlwa mantswe a tswileng molomong wa hao,

5. a tla roka ditsela tsa Jehova, hobane kganya ya Jehova e kgolo.

6. Jehova o phahamile, o bona ba ikokobetsang, mme o tsebisisa baikakasi ba sa le hole.

7. Leha ke tsamaya hara matswalo, o tla mphedisa, o tla qobisa bohale ba dira tsa ka ka letsoho la hao, letsoho le letona la hao le mpholose.

8. Jehova o tla phetha tsohle sebakeng sa ka. Jehova, mohau wa hao ke o sa feleng. O se ke wa tlohela mesebetsi ya matsoho a hao.

Dipesaleme 138