Dipesaleme 135:5-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Hobane ke tseba hoba Jehova o moholo, Morena wa rona o moholo haholo ho fetisa medimo yohle;

6. seo a se ratang kaofela Jehova o se etsa mahodimong le lefatsheng, mawatleng le madibeng kaofela.

7. Ke yena ya tsosang maru dipheletsong tsa lefatshe, ya nesang dipula ka diaduma, ya ntshang meya dipolokelong tsa hae;

8. ke yena ya neng a otle matsibolo a Egepeta, ho qala ka batho ho isa ho makgomo.

9. Hara wena, Egepeta, o hlahisitse dipontsho le mehlolo e kileng ya lwantsha Faro le bahlanka ba hae kaofela.

10. Ke yena ya timeditseng ditjhaba tse ngata, a bolaya marena a matla:

11. Sihone, morena wa Baamore, le Oge, morena wa Bashane, le marena kaofela a Kanana;

12. naha ya bona a e neela e be lefa, lefa la Iseraele, setjhaba sa hae.

13. Jehova, lebitso la hao le hlola ka ho sa yeng kae; o hopolwa, Jehova, melokong le melokong.

Dipesaleme 135