Dipesaleme 135:10-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Ke yena ya timeditseng ditjhaba tse ngata, a bolaya marena a matla:

11. Sihone, morena wa Baamore, le Oge, morena wa Bashane, le marena kaofela a Kanana;

12. naha ya bona a e neela e be lefa, lefa la Iseraele, setjhaba sa hae.

13. Jehova, lebitso la hao le hlola ka ho sa yeng kae; o hopolwa, Jehova, melokong le melokong.

14. Hobane Jehova o tla ahlolela setjhaba sa hae, a utlwele bahlanka ba hae bohloko.

15. Medimo ya ditjhaba ke silefera le kgauta, ke mosebetsi wa matsoho a batho.

16. E na le melomo, mme ha e bue; e na le mahlo, mme ha e bone;

17. e na le ditsebe, mme ha e utlwe, le ka melomo ya yona ha e phefumolohe.

18. Ba e etsang ba tla tshwana le yona, hammoho le bohle ba itshepelang yona.

19. Lona, ba ntlo ya Iseraele, bokang Jehova!

20. Ba ntlo ya Aarone, bokang Jehova!

Dipesaleme 135