Dipesaleme 12:5-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Ka baka la tsietsi ya bafumanehi, le la masisapelo a basenyehi, ke tla tsoha hona jwale, ho bolela Jehova, mme ke tla fa thuso ho ba hloriswang.

6. Mantswe a Jehova ke mantswe a hlwekileng, a jwaloka silefera e qhibilisitsweng fatshe, e bedisitsweng hasupa.

7. Ba tla bolokwa ke wena, Jehova, ka sebele; o tla ba sireletsa ho lesika lena ka ho sa yeng kae.

8. Ha bobe bo phahamiswa hara batho, bakgopo ba itsamaela hohle.

Dipesaleme 12