Dipesaleme 12:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. O re boloke, Jehova, etswe ba molemo ba fela, mme batshepehi ba timela hara bana ba batho.

2. Ba etsetsana mashano ba bang ho ba bang; qeko e melomong ya bona, ba bua ba ena le pelo tse pedi.

3. Jehova a ke a fedise melomo e qekang, le leleme le ikakasang ka tse kgolo,

4. e leng bona ba reng: Re tla qhala ka maleme a rona; melomo ke ya rona; ya ka re busang ke mang?

5. Ka baka la tsietsi ya bafumanehi, le la masisapelo a basenyehi, ke tla tsoha hona jwale, ho bolela Jehova, mme ke tla fa thuso ho ba hloriswang.

Dipesaleme 12