Dipesaleme 119:34-48 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

34. Mphe kutlwisiso, ke tle ke boloke molao wa hao, ke etse ka wona ka pelo ya ka yohle.

35. O ntsamaise ka tsela ya ditaelo tsa hao, hobane ke ithabisetsa tsona.

36. Nthute ho sekehela dikeletso tsa hao pelo, e seng leratong la ho rua.

37. O furallise mahlo a ka tadimong ya lefeela, o ntlhabollele ditseleng tsa hao.

38. O tiiseletse mohlanka wa hao pallo ya hao e etseditsweng ba o tshabang.

39. Suthisetsa sekgobo seo ke se tshabang hole le nna, hobane dikahlolo tsa hao di tletse molemo.

40. Bona, ke hlolohetswe ditemoso tsa hao; o mphedise ka ho loka ha hao!

41. VAU. Mehauhelo ya hao e ke e finyelle ho nna, Jehova, le poloko ya hao, ka pallo ya hao!

42. Ke tle ke tsebe ho fetola ya nkgobang, hobane ke itshepetse lentswe la hao.

43. O se ke wa tlosa puo ya nnete molomong wa ka le ka mohla o le mong, hobane ke lebeletse dikahlolo tsa hao.

44. Ke tla boloka molao wa hao kamehla, le ka ho sa yeng kae, le ka ho sa feleng;

45. ke tla tsamaya tseleng e ahlameng, hobane ke batla ditemoso tsa hao.

46. Ke tla bolela dikeletso tsa hao pela marena, mme nke ke ka ba le dihlong.

47. Ke tla ithabisa ka ditaelo tsa hao, tseo ke di ratang;

48. ke tla emisetsa ditaelo tsa hao matsoho a ka, hobane ke a di rata, ke nahane dikomelo tsa hao.

Dipesaleme 119