147. Ke raka mafube, ke a howa; ke ntse ke lebeletse dipallo tsa hao.
148. Mahlo a ka a raka dinako tsa tebelo ya bosiu ho nahana lentswe la hao.
149. Jehova, utlwa lentswe la ka ka mohau wa hao! O mphedise ka kahlolo ya hao!
150. Ba latelang bobe ba atametse, ba ntse ba emela hole le molao wa hao;
151. empa, wena, Jehova, o haufi; ditaelo tsa hao kaofela ke nnete.
152. E se e le kgale ke tsebile ka dikeletso tsa hao hore o di tiisitse, di tle di be teng ka ho sa yeng kae.
153. RESH. Tadima bomadimabe ba ka, o ntopolle! hobane ha ke lebale molao wa hao.
154. O emele nyewe ya ka, mme o ntopolle! o mphedise ka pallo ya hao!
155. Poloko e hole le ba babe; hobane ha ba hlokomele dikomelo tsa hao.
156. Mehauhelo ya hao, Jehova, e meholo; o ke o mphedise ka dikahlolo tsa hao!
157. Bahlorisi le batubi ba ka ba bangata; empa ha ke a ka ka kgeloha dikeletso tsa hao.
158. Ke nyonyiswa ke ba sa tshepehang, hobane ha ba boloke lentswe la hao.