Dipesaleme 119:123-130 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

123. Mahlo a ka a idiballa poloko ya hao le pallo e lokileng ya hao.

124. O etse ho mohlanka wa hao ka mohau wa hao, o nthute dikomelo tsa hao.

125. Ke mohlanka wa hao, o mphe kutlwisiso, ke tle ke tsebe dikeletso tsa hao.

126. E se e le nako ya hao ya ho sebetsa, Jehova, hobane ba fedisitse molao wa hao.

127. Ka baka leo, ke rata ditaelo tsa hao ho fetisa kgauta, le kgauta e tshekehileng.

128. Ka baka leo, ke ntse ke fihlela hoba ditemoso tsa hao di lokile nthong tsohle; mme ke hloile ditsela tsa leshano kaofela.

129. PE. Dikeletso tsa hao di a makatsa, moya wa ka o di boloka ke hona.

130. Tshenolo ya mantswe a hao e a edisa, e nea dithoto kutlwisiso.

Dipesaleme 119