12. O bokwe, Jehova! Nthute dikomelo tsa hao!
13. Melomo ya ka e ntse e pheta dikahlolo tsohle tse tswileng molomong wa hao.
14. Ke ithabela tseleng ya dikeletso tsa hao, jwaloka hoja eka ke ruile maruo kaofela.
15. Ke rata ho nahana ditemoso tsa hao, le ho bea ditsela tsa hao pela mahlo a ka.
16. Ke ithabisa ka dikomelo tsa hao, ha ke lebale lentswe la hao.
17. GIMEL. O etse mohlanka wa hao hantle, ke tle ke phele, ke boloke lentswe la hao.
18. O tutubolle mahlo a ka, ke tle ke bohisise mehlolo e patilweng molaong wa hao.
19. Ke osele lefatsheng, o se ke wa mpatela ditaelo tsa hao.
20. Moya wa ka o robehile ke ho hlolohelwa ditaelo tsa hao kamehla.
21. O laya baikakasi, e leng batho ba rohakilweng, ba fapohang ditaelo tsa hao.
22. O ke o tlose sekgobo le nyediso ho nna, kahobane ke boloka dikeletso tsa hao!
23. Esita le marena a dutse ho rera morero wa ho ntwantsha; mohlanka wa hao o nahana dikomelo tsa hao.
24. Dikeletso tsa hao le tsona ke menyaka ya ka le baeletsi ba ka.
25. DALETH. Moya wa ka o maname leroleng; ako mphedise ka lentswe la hao!
26. Ke o tsebisitse ditsela tsa ka, mme o nkutlwile; o nthute dikomelo tsa hao!
27. O ntshenolele tsela ya ditemoso tsa hao, mme ke tla nahanisisa mehlolo ya hao!