Dipesaleme 119:110-123 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

110. Ba babe ba ntjhekela mamena, empa ha ke kgelohe ditemoso tsa hao.

111. Ke inketse dikeletso tsa hao, e be lefa la ka ka ho sa yeng kae, hobane di thabisa pelo ya ka.

112. Ke sekamisitse pelo ya ka, e tle e ye ka dikomelo tsa hao kamehla, ho isa qetellong.

113. SAMEK. Ke hloile mehopolo e dikadikang, empa ke rata molao wa hao.

114. O setshabelo sa ka le thebe ya ka; ke lebeletse pallo ya hao.

115. Suthelang hole le nna, lona ba bolotsana, ke tle ke boloke ditaelo tsa Modimo wa ka!

116. O ntiise ka pallo ya hao, ke tle ke phele, o se ke wa ntshwabisa tshepong ya ka!

117. O nkotle, ke tle ke bolokehe, dikomelo tsa hao di be pela mahlo a ka kamehla!

118. O lahla bohle ba kgelohang dikomelo tsa hao, hobane ho thetsa ha bona ke lefeelafeela.

119. O tlosa ba babe kaofela lefatsheng jwaloka lefilo; ke ka baka leo ke ratang dikeletso tsa hao.

120. Mmele wa ka o tlakasela ke ho o tshaba; ke tshaba dikahlolo tsa hao.

121. AIN. Ke ya ka molao le ka ho loka; o se ke wa nneela batubi ba ka;

122. o emele mohlanka wa hao ho mmoloka! Baikakasi ba se ke ba ntuba!

123. Mahlo a ka a idiballa poloko ya hao le pallo e lokileng ya hao.

Dipesaleme 119