Dipesaleme 119:104-112 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

104. Ke fihlela kelello ditemosong tsa hao, ke hloile ditsela tsohle tsa leshano ke hona.

105. NUN. Lentswe la hao ke lebone la maoto a ka, ke lesedi tseleng ya ka.

106. Ke hlapantse, mme ke tla tiisa, ke itse, ke tla ya ka dikahlolo tse lokileng tsa hao.

107. Jehova, ke hlomohile haholo; o ke o mphedise kamoo lentswe la hao le boletseng kateng.

108. Jehova, ako amohele nyehelo ya ho rata, eo ke o beelang yona ka molomo wa ka, o nthute melao ya hao.

109. Bophelo ba ka bo beetswe ho timela ka matsatsi wohle; empa ha ke lebale molao wa hao.

110. Ba babe ba ntjhekela mamena, empa ha ke kgelohe ditemoso tsa hao.

111. Ke inketse dikeletso tsa hao, e be lefa la ka ka ho sa yeng kae, hobane di thabisa pelo ya ka.

112. Ke sekamisitse pelo ya ka, e tle e ye ka dikomelo tsa hao kamehla, ho isa qetellong.

Dipesaleme 119