Dipesaleme 118:19-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Mpuleleng menyako ya ho loka; ke tla kena ka yona, ke roke Jehova.

20. Ke wona monyako wa Jehova; ba lokileng ba tla kena ka wona.

21. Ke a o leboha, hobane o nkutlwile, e bile ke wena poloko ya ka.

22. Lejwe le lahlilweng ke bahahi, le fetohile lejwe la ntlha, la motheo.

23. Hoo ho entswe ke Jehova; ke mehlolo mahlong a rona.

24. Ke lona leo letsatsi le entsweng ke Jehova; a re thabeng, re be re nyakalle ka lona.

Dipesaleme 118