3. Lebitso la Jehova a le ke le roriswe, ho nka botjhabela ho isa bophirimela.
4. Jehova o phahamile kahodimo ho ditjhaba kaofela, le kganya ya hae e kahodimo ho mahodimo.
5. Ke mang ya tshwanang le Jehova, Modimo wa rona? O ahile nqalong tse hodimodimo;
6. o inamela ho nyarela mahodimong le lefatsheng.
7. O tsosa ya madimabe leroleng, o ntsha ya lesitsi thotobolong;
8. a tle a ba dudise le mahosana, e, le mahosana a setjhaba sa hae.