Dipesaleme 107:8-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. A ba ke ba lebohe Jehova ka mohau wa hae le ka mehlolo ya hae ho bana ba batho;

9. hobane o kgodisitse moya o nyorilweng, mme a sitsa moya o lapileng ka menono.

10. Ba nnile ba aha lefifing le moriting wa lefu, e le ba tlamilweng ka bomadimabe le ditshepe.

11. Erekaha ba nnile ba eba manganga ditabeng tsa Modimo, ba nyedisa keletso ya Mookamedi ya phahameng;

12. ke moo a kokobeditseng dipelo tsa bona tlasa bohloko; ba imelwa, ba sa thuswe ke motho.

13. Ba howa ho Jehova matswalong a bona, a ba bona, a ba lopolla ditsielehong tsa bona;

14. a ba ntsha lefifing le moriting wa lefu, a roba ditlamo tsa bona.

15. A ba ke ba lebohe Jehova ka mohau wa hae le ka mehlolo ya hae ho bana ba batho;

16. hobane o robakile menyako ya koporo, a thuhakanya mekwallo ya tshepe.

17. Mahlanya a nnile a hlomodisetswa tsela ya wona ya lonya le makgopo a wona.

18. Ba ne ba se ba tennwe ke dijo tsohle, ba se ba fihlile menyakong ya lefu.

Dipesaleme 107