Dipesaleme 107:38-43 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

38. A ba hlohonolofatsa, a ba ngatafatsa haholo, ha a ka a fokotsa bongata jwa makgomo a bona.

39. Yaba ba fokodiswa, ba imelwa ke botubo le dikotsi le maswabi.

40. A tshollela nyediso ho marena, a a sollisa lefeelleng le sa nang tsela;

41. a tlosa ba lesitsi bomadimabeng ba bona, a ba tsosetsa bana ba bangata ba ka ka mehlape ya dinku.

42. Ba lokileng ba bona hoo, mme ba thaba; empa ba bolotsana kaofela ba thibana melomo.

43. Motho ya hlalefileng o kae? A ke a lemohe ditaba tseo, a ele mehauhelo ya Jehova hloko.

Dipesaleme 107