Dipesaleme 107:3-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. a ba latileng dinaheng tsohle, botjhabela le bophirimela, leboya le borwa.

4. Ba nnile ba solla feelleng, nahathothe, ba sa fumane motse wa ho aha;

5. ba ne ba shwele ke tlala le ke lenyora, meya ya bona e ne e idibana kahare ho bona.

6. Ba howa ho Jehova matswalong a bona, a ba lopolla ditsielehong tsa bona;

7. a ba tsamaisa ka tsela e lokileng, ba tle ba fihle motseng moo ba ka ahang teng.

8. A ba ke ba lebohe Jehova ka mohau wa hae le ka mehlolo ya hae ho bana ba batho;

9. hobane o kgodisitse moya o nyorilweng, mme a sitsa moya o lapileng ka menono.

10. Ba nnile ba aha lefifing le moriting wa lefu, e le ba tlamilweng ka bomadimabe le ditshepe.

11. Erekaha ba nnile ba eba manganga ditabeng tsa Modimo, ba nyedisa keletso ya Mookamedi ya phahameng;

12. ke moo a kokobeditseng dipelo tsa bona tlasa bohloko; ba imelwa, ba sa thuswe ke motho.

13. Ba howa ho Jehova matswalong a bona, a ba bona, a ba lopolla ditsielehong tsa bona;

Dipesaleme 107