Dipesaleme 107:28-41 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

28. Ba howa ho Jehova matswalong a bona, a ba lopolla ditsielehong tsa bona.

29. A kgutsisa sefefo, a se fetola moya o mosesane, maqhubu a itholela;

30. ba thaba ha maqhubu a itholetse, a ba isa moo ba neng ba rata ho ya teng.

31. A ba ke ba lebohe Jehova ka mohau wa hae le ka mehlolo ya hae ho bana ba batho!

32. A ba ke ba mo phahamise phuthehong ya setjhaba, mme ba mo roke mokgatlong wa ba baholo.

33. O ne a fetole dinoka lefeella, le didiba tsa metsi naha e tshehla.

34. Lehwatata le behang a le fetola mobu wa letswai, ka baka la bolotsana ba baahi ba lona.

35. A fetola lefeella naha ya metsi, le naha e tshehla didiba tsa metsi;

36. teng a ahisa ba lapileng, teng ba thea metse ho aha ho yona.

37. Ba itjalla dithite, ba hloma merara, mme ba eja ditholwana tse behwang ke yona.

38. A ba hlohonolofatsa, a ba ngatafatsa haholo, ha a ka a fokotsa bongata jwa makgomo a bona.

39. Yaba ba fokodiswa, ba imelwa ke botubo le dikotsi le maswabi.

40. A tshollela nyediso ho marena, a a sollisa lefeelleng le sa nang tsela;

41. a tlosa ba lesitsi bomadimabeng ba bona, a ba tsosetsa bana ba bangata ba ka ka mehlape ya dinku.

Dipesaleme 107