Dipesaleme 107:21-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. A ba ke ba lebohe Jehova ka mohau wa hae le ka mehlolo ya hae ho bana ba batho!

22. Ba mo hlahisetse mahlabelo a teboho, ba bolele diketso tsa hae ka dipina.

23. Ba tsamayang lewatleng ka dikepe, ba hwebang metsing a maholo,

24. e bile dipaki tsa mesebetsi ya Jehova, le tsa mehlolo eo a e entseng madibeng.

25. A bolela, mme a tsosa moya wa sefefo, o emisang maqhubu a lewatle.

26. Ba phahama ho isa hodimodimo, ba theohela le ho isa bodibeng; meya ya bona ya qhibidiha ka ho tsieleha.

27. Ba tshwarwa ke modikwadikwane, ba thekesela jwaloka hola ba tahilwe, mme bohlale ba bona kaofela bo ne bo felle.

28. Ba howa ho Jehova matswalong a bona, a ba lopolla ditsielehong tsa bona.

29. A kgutsisa sefefo, a se fetola moya o mosesane, maqhubu a itholela;

30. ba thaba ha maqhubu a itholetse, a ba isa moo ba neng ba rata ho ya teng.

31. A ba ke ba lebohe Jehova ka mohau wa hae le ka mehlolo ya hae ho bana ba batho!

32. A ba ke ba mo phahamise phuthehong ya setjhaba, mme ba mo roke mokgatlong wa ba baholo.

33. O ne a fetole dinoka lefeella, le didiba tsa metsi naha e tshehla.

Dipesaleme 107