Dipesaleme 107:21-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. A ba ke ba lebohe Jehova ka mohau wa hae le ka mehlolo ya hae ho bana ba batho!

22. Ba mo hlahisetse mahlabelo a teboho, ba bolele diketso tsa hae ka dipina.

23. Ba tsamayang lewatleng ka dikepe, ba hwebang metsing a maholo,

24. e bile dipaki tsa mesebetsi ya Jehova, le tsa mehlolo eo a e entseng madibeng.

25. A bolela, mme a tsosa moya wa sefefo, o emisang maqhubu a lewatle.

Dipesaleme 107