Dipesaleme 107:15-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. A ba ke ba lebohe Jehova ka mohau wa hae le ka mehlolo ya hae ho bana ba batho;

16. hobane o robakile menyako ya koporo, a thuhakanya mekwallo ya tshepe.

17. Mahlanya a nnile a hlomodisetswa tsela ya wona ya lonya le makgopo a wona.

18. Ba ne ba se ba tennwe ke dijo tsohle, ba se ba fihlile menyakong ya lefu.

19. Ba howa ho Jehova matswalong a bona, a ba lopolla ditsielehong tsa bona;

20. a romela lentswe la hae, a ba fodisa, a ba ntsha mabitleng a bona.

21. A ba ke ba lebohe Jehova ka mohau wa hae le ka mehlolo ya hae ho bana ba batho!

22. Ba mo hlahisetse mahlabelo a teboho, ba bolele diketso tsa hae ka dipina.

23. Ba tsamayang lewatleng ka dikepe, ba hwebang metsing a maholo,

24. e bile dipaki tsa mesebetsi ya Jehova, le tsa mehlolo eo a e entseng madibeng.

Dipesaleme 107