12. ke moo a kokobeditseng dipelo tsa bona tlasa bohloko; ba imelwa, ba sa thuswe ke motho.
13. Ba howa ho Jehova matswalong a bona, a ba bona, a ba lopolla ditsielehong tsa bona;
14. a ba ntsha lefifing le moriting wa lefu, a roba ditlamo tsa bona.
15. A ba ke ba lebohe Jehova ka mohau wa hae le ka mehlolo ya hae ho bana ba batho;
16. hobane o robakile menyako ya koporo, a thuhakanya mekwallo ya tshepe.
17. Mahlanya a nnile a hlomodisetswa tsela ya wona ya lonya le makgopo a wona.