7. Bontata rona ha ba ka ba nahana mehlolo ya hao Egepeta, ha ba ka ba elellwa bongata ba mehauhelo ya hao, ba mpa ba ikgantsha pela lewatle, Lewatle le Lefubedu.
8. Leha ho le jwalo, o ba bolokile ka baka la lebitso la hae, a tle a bonahatse matla a hae.
9. A kgalemela Lewatle le Lefubedu, la epsha; a ba tsamaisa hara madiba jwaloka hoja ke nahathothe.
10. A ba namolela letsohong la ya ba hloileng, a ba lwela letsohong la sera;
11. metsi a kgurumetsa batubi ba bona, ha ho a ka ha sala le a mong.
12. Yaba ba dumela mantswe a hae, ba bina dithoko tsa hae.
13. Empa ba phakisa ba lebala diketso tsa hae, ha ba ka ba tshepa merero ya hae;
14. ba kenwa ke takatso nahathothe, ba leka Modimo feelleng.
15. A ba nea ka takatso ya bona, empa a ba romela lefu le bolayang.
16. Ba honohela Moshe diahelong, le Aarone, mokgethwa wa Jehova.
17. Yaba lefatshe le a ngamoha, mme la metsa Dathane, la hohlometsa letshwele la Abirame.
18. Mollo wa hotela hara phutheho ya bona, malakabe a timetsa ba babe.
19. Ba iketsetsa namane Horebe, ba kgumamela setshwantsho se tsholotsweng,
20. kganya ya bona ba e fetola setshwantsho sa kgomo e fulang jwang.
21. Ba lebala Modimo, Molopolli wa bona, o neng o entse ntho tse kgolo Egepeta,
22. le mehlolo naheng ya Kama, le meeka Lewatleng le Lefubedu.
23. Wa re, o a ba fedisa; empa Moshe, mokgethwa wa wona, a kena dipakeng tsa wona le bona ho faposa bohale ba wona, hore ba se ke ba fediswa.
24. Ba kgesa naha e lakatsehang; ha ba ka ba dumela dipallo tsa wona,