27. le ho lahlela lesika la bona hara ditjhaba, le ho ba hasanyetsa dinaheng tsohle.
28. Ba kgomarela Baale-Peore, ba eja mahlabelo a hlabetsweng bafu;
29. ba halefisa Modimo ka diketso tse mpe tsa bona, ho fihlela lefu le befileng le kena hara bona.
30. Ke ha Finease a hlaha, a pheteletsa Modimo, mme lefu leo la kgutsa;
31. taba eo a e ballwa, ya eba ho loka ho yena kamehla le mehla, le ka ho sa feleng.
32. Ba o baka bohale metsing a Meriba, mme Moshe a hlahelwa ke kotsi ka baka la bona;
33. hobane ba halefisa moya wa hae, mme a bua ka molomo wa hae ka potlako.
34. Hape, ha ba ka ba fedisa ditjhaba, jwalokaha Jehova a ne a ba laetse,
35. ba mpa ba ikopanya le ditjhaba, ba ithuta mekgwa ya tsona;
36. ba sebeletsa ditshwantsho tsa tsona, ya eba leraba ho bona.
37. Ba hlabela medimo ya bohata bara le baradi ba bona,
38. ba tsholla madi a se nang molato, madi a bara ba bona le a baradi ba bona, bao ba ba hlabetseng ditshwantsho tsa Kanana; mme naha ya silafala ke madi.
39. Ba itshela ditshila ka mesebetsi ya bona le ka diketso tsa bootswa ba bona.
40. Yaba kgalefo ya Jehova e tukela setjhaba sa hae, mme lefa la hae ya eba ntho e manyala ho yena;
41. a ba neela matsohong a ditjhaba; ba ba hloileng ba ba busa;
42. ba tujwa ke dira tsa bona, ba kokobetswa tlasa matsoho a tsona.
43. Hangata Jehova a ba lopolla, empa ba nna ba ikgantsha mererong ya bona, ba itahla ka bokgopo ba bona.
44. Leha ho le jwalo, a nna a tadima matshwenyeho a bona, a utlwa medumaelo ya bona;