Dipesaleme 104:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Boka Jehova, moya wa ka! Jehova, Modimo wa ka, o moholo haholo, o apere kganya le bokgabane!

2. O ipopa ka lesedi jwaloka hola ke kobo, o menolla mahodimo jwaloka lesela la tente;

3. o thea matlo a hae hodima metsi, o etsa maru koloi ya hae, o tsamaya a kaletse mapheo a moya.

4. O etsa meya manqosa a hae, malakabe a mollo ke bahlanka ba hae.

5. O tiisitse lefatshe metheong ya lona; le ke ke la sisinyeha le ka mohla o le mong.

6. O ne o le kgurumeditse ka bodiba jwaloka hoja ke kobo, metsi a ne a eme dithabeng;

7. eitse ha o kgalemela, a baleha; ha a utlwa lentswe la diaduma tsa hao, a phakisa a itshuthisa;

8. dithaba tsa phahama, diphula tsa kokobella dibakeng tseo o neng o di lokiseditse tsona.

9. O beetse metsi meedi hore a se hlole a e tlola, a se ke a boela a apesa lefatshe.

10. O kollisa didiba dikgutlong; metsi a tsona a iphallela pakeng tsa dithaba;

Dipesaleme 104