Dipesaleme 103:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Boka Jehova, moya wa ka; tsohle tse ka ho nna a di ke di boke lebitso la hae le kgethehileng!

2. Boka Jehova, moya wa ka, o se ke wa lebala ditshitso tsohle tsa hae!

3. Ke yena ya tshwarelang makgopo a hao wohle, ya fodisang malwetse a hao kaofela.

4. O lopolla bophelo ba hao lebitleng, o o rwesa lereko le mehauhelo hloohong.

5. O kgorisa molomo wa hao ka tse molemo, mme botjha ba hao bo ntjhafala jwaloka ntsu.

6. Jehova o lokisetsa, o ahlolela bohle ba hatakelwang.

7. O ne a senolele Moshe ditsela tsa hae, a bontsha bana ba Iseraele diketso tsa hae tse phahamileng.

8. Jehova o mohau, o lereko, o dieha ho halefa, o ruile mehauhelo e mengata.

9. Ha a tsekise kamehla, hlonamo ya hae hase e sa feleng.

10. Ha a ka a re etsa kamoo dibe tsa rona di leng kateng, ha a ka a re putsa ka moputso wa makgopo a rona.

11. Empa jwaloka lehodimo ha le phahamile hodimo ho lefatshe, mohau wa hae o moholo jwalo ho ba mo tshabang.

12. Jwalokaha botjhabela bo le hole le bophirimela, o lahlela makgopo a rona jwalo hole le rona.

13. Jwalokaha ntata motho a hauhela bana ba hae, Jehova o hauhela jwalo ba mo tshabang.

Dipesaleme 103