Dipesaleme 102:21-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. hore ba bolele lebitso la Jehova Sione, le thoko tsa hae Jerusalema,

22. mohla ho kopanang ditjhaba kaofela le yona mebuso, ho tla sebeletsa Jehova.

23. O robile matla a ka ke le tseleng, o kgutshofaditse matsatsi a ka.

24. Ke re: Modimo wa ka, o se ke wa ntlosa ke sa le mahareng a ditshiu tsa ka! Dilemo tsa hao di hlola di le teng melokong le melokong.

25. Kgale o ne o thee lefatshe, mme mahodimo ke mosebetsi wa diatla tsa hao.

26. Wona a tla fela, empa wena, o tla nne o be teng; a tla tsofala jwaloka seaparo; o tla a fetola jwaloka kobo, mme a tla fetoha;

27. empa wena, e ya nne esale e le wena, mme dilemo tsa hao ha di ka ke tsa fela.

28. Bana ba bahlanka ba hao ba tla ikgahela fatsheng la bona, mme moloko wa bona o tla nne o be teng pela hao.

Dipesaleme 102