Dipesaleme 101:3-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Nke ke ka bea letho le lebe pela mahlo a ka; ke ntse ke hloile mesebetsi ya batlodi; e ke ke ya nkgomarela.

4. Pelo ya bakgopo a e eme hole le nna; ha ke rate ho tsebana le ya bolotsana.

5. Ke tla fedisa ya etselletsang motswalle wa hae sephiring, nke ke ka mamella ya mahlo a leletseng, le ya pelo e makoko.

6. Mahlo a ka a tla tadima batshepuwa ba lefatshe, ba tle ba ahe le nna; ya latelang tsela e se nang molato, ke tla mo etsa mohlanka wa ka.

7. Ya etsang ka ho thetsa, a ke ke a dula ka tlung ya ka; ya etsang leshano ha a na ho ema pela mahlo a ka.

8. Ka hosasa ho hong le ho hong, ke tla timetsa ba bolotsana bohle ba naha, ke fedise bohle ba etsang bokgopo motseng wa Jehova.

Dipesaleme 101