5. Re phallelwa habohloko, re kgathetse, mme ha ho phomolo ho rona.
6. Re otlolletse matsoho a rona ho Baegepeta le ho Baassiria ho bona bohobe.
7. Bontata rona ba sitilwe, ba se ba le siyo, mme rona re jere makgopo a bona.
8. Re buswa ke makgoba, ha ho ya re namolelang matsohong a bona.
9. Re bokella bohobe ba rona ka ho ipeela lefung pela lerumo la lefeella.
10. Letlalo la rona le tlabohile ke bohale ba tlala, jwaloka leifo.
11. Ba betile basadi Sione, le barwetsana metseng ya Juda.
12. Marena a mang a fanyehwa ke matsoho a bona, sefahleho sa baholo ha se a ka sa hlonephuwa.
13. Bahlankana ba jarisitswe malwala, ba batjha ba imetswe ke diphahlo tsa dipatsi.
14. Baholo ba hladile lekgotla, bahlankana ba tlohetse dipina tsa bona.
15. Thabo ya dipelo tsa rona e fedile, pina ya rona e fetohile mahlomola.
16. Moqhaka o wele dihloohong tsa rona; ho madimabe rona, hobane re sitilwe.
17. Ka baka leo, dipelo tsa rona di a fela, ka baka la tseo mahlo a rona a fifetse.