Dillo Tsa Jeremia 5:13-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Bahlankana ba jarisitswe malwala, ba batjha ba imetswe ke diphahlo tsa dipatsi.

14. Baholo ba hladile lekgotla, bahlankana ba tlohetse dipina tsa bona.

15. Thabo ya dipelo tsa rona e fedile, pina ya rona e fetohile mahlomola.

16. Moqhaka o wele dihloohong tsa rona; ho madimabe rona, hobane re sitilwe.

17. Ka baka leo, dipelo tsa rona di a fela, ka baka la tseo mahlo a rona a fifetse.

18. Thaba ya Sione e senyehile, diphokojwe di itsamaela teng.

19. Wena, Jehova, o busa ka ho sa feleng, terone ya hao e teng kamehla le mehla.

Dillo Tsa Jeremia 5