10. Letlalo la rona le tlabohile ke bohale ba tlala, jwaloka leifo.
11. Ba betile basadi Sione, le barwetsana metseng ya Juda.
12. Marena a mang a fanyehwa ke matsoho a bona, sefahleho sa baholo ha se a ka sa hlonephuwa.
13. Bahlankana ba jarisitswe malwala, ba batjha ba imetswe ke diphahlo tsa dipatsi.
14. Baholo ba hladile lekgotla, bahlankana ba tlohetse dipina tsa bona.
15. Thabo ya dipelo tsa rona e fedile, pina ya rona e fetohile mahlomola.
16. Moqhaka o wele dihloohong tsa rona; ho madimabe rona, hobane re sitilwe.
17. Ka baka leo, dipelo tsa rona di a fela, ka baka la tseo mahlo a rona a fifetse.
18. Thaba ya Sione e senyehile, diphokojwe di itsamaela teng.
19. Wena, Jehova, o busa ka ho sa feleng, terone ya hao e teng kamehla le mehla.
20. Na o ka re lebala ka ho sa feleng? Na o ka re hloboha ka ditshiu tse telele na?
21. O re sokollele ho wena, Jehova, etlaba, re sokolohile; o ntjhafatse ditshiu tsa rona, di be jwaloka mehleng ya pele.
22. Na o re lahletse ruri na? Na o re hlonametse ka ho fetisa na?