Dillo Tsa Jeremia 4:11-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Jehova o phethile kgalefo ya hae, o tsholotse bohale bo tjhesang ba hae, mme hara Sione o besitse mollo o jeleng metheo ya hae.

12. Marena a lefatshe le baahi kaofela ba dinaha tse ahilweng, ba ne ba sa kgolwe hobane sera le molwantshi ba ne ba tla kena ka menyako ya Jerusalema.

13. Ke ka baka la sebe sa baporofeta ba hae le la bolotsana ba baprista ba hae, ba nnileng ba tsholla madi a ba lokileng kahare ho wena.

14. Ba nnile ba dikadika jwaloka difofu mapatlelong, ba itshilafaditse ka madi, mme diaparo tsa bona di ne di se na ho angwa.

15. Suthang, lona ba ditshila; ho howeleditse jwalo ho bona; suthang, suthang, le se ke la re ama. Eitse ha ba balehile, e ntse e le ho phaila; ho thwe hara ditjhaba: Ha ba sa tla boela ba ahe teng.

16. Sefahleho sa Jehova se ba qhalantse, ha a sa tla boela a ba tadime. Ha ba ka ba re letho ka baprista, ha ba ka ba hauhela maqheku.

17. Le kajeno, mahlo a rona a ntse a eba ke ho lebella thuso ya rona! Ke lefeela; tebellong ya rona re lebile ho setjhaba se se nang ho pholosa.

18. Ba hlwela metsamao ya rona, hore re se ke ra tsamaya mapatlelong a heso; bofelo ba rona bo haufi, ditshiu tsa rona di phethehile, hobane ho se ho tlile bofelo ba rona.

19. Bahlorisi ba rona ba lebelo ho fetisa dintsu tsa lehodimo, ba re lelekisa dithabeng, lefeelleng ba re nanarela.

20. Eo e neng e le phefumoloho ya dinko tsa rona, e leng motlotsuwa wa Jehova, o tshwasitswe lemeneng la bona, e le eo re neng re re, re tla phela moriting wa hae hara ditjhaba.

21. Thaba, o nyakalle, moradi wa Edomo, ya ahileng lefatsheng la Utse; senwelo se tla fihla le ho wena, le wena o tahwe, o be o hlobole.

22. Molato wa hao o phethilwe, moradi wa Sione; ha ho sa tla ba ya o isang kgolehong; ho tla batlisiswa bokgopo ba hao, moradi wa Edomo, ho kwahollwe dibe tsa hao.

Dillo Tsa Jeremia 4