1. Na kgauta e hlile e a fifala jwang? Kgauta e lekilweng e fetohile mmala jwang! Majwe a sehalalelo a hasane keng dikoung tsa mapatlelo wohle na?
2. Bara ba Sione ba bokgabane, ba hlokwang jwaloka kgauta e hlwekileng, ba badilwe jwang jwaloka hoja ke mafiso a letsopa, e leng mosebetsi wa matsoho a mmopi?
3. Esita le diphiri di ye di ntshe letswele ho anyesa madinyane a tsona; empa moradi wa setjhaba sa ka, yena, o thatathata jwaloka dimpshe tsa lefeella.
4. Leleme la lesea le kgomarela lehanong la hae ke lenyora; ba banyenyane ba kopa bohobe, mme ha ho ya ba ngwathelang bona.
5. Ba neng ba eja menate ba timela mapatlelong; ba neng ba phuthilwe ka purepera ba paqamile dithotobolong.
6. Sebe sa moradi wa setjhaba sa ka se hlile se seholo ho feta sa Sodoma, ya kileng a dihelwa hanghang, ho se matsoho a rometsweng teng.
7. Babusi ba hae ba ne ba hlwekile ho fetisa lehlwa, ba ne ba le basweu ho fetisa lebese; mmele ya bona e ne e le mmala o mofubetswana ho fetisa lejwe la korale, sebopeho sa bona se ne se le jwaloka lejwe la safire.
8. Tshobotsi ya bona e ntsho ho fetisa botsho, ha ba sa tsejwa mapatlelong; letlalo la bona le manne masapong a bona, le omeletse, le jwaloka lehong.
9. Ho iketlile ba bolailweng ke lerumo ho feta ba bolailweng ke tlala; bana ba fedile ba bolailwe ke ho hloka se bewang ke tshimo.
10. Matsoho a basadi ba bonolo a apehile bana ba bona, ya eba dijo tsa bona tshenyehong ya moradi wa setjhaba sa ka.
11. Jehova o phethile kgalefo ya hae, o tsholotse bohale bo tjhesang ba hae, mme hara Sione o besitse mollo o jeleng metheo ya hae.
12. Marena a lefatshe le baahi kaofela ba dinaha tse ahilweng, ba ne ba sa kgolwe hobane sera le molwantshi ba ne ba tla kena ka menyako ya Jerusalema.
13. Ke ka baka la sebe sa baporofeta ba hae le la bolotsana ba baprista ba hae, ba nnileng ba tsholla madi a ba lokileng kahare ho wena.