Dillo Tsa Jeremia 4:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Na kgauta e hlile e a fifala jwang? Kgauta e lekilweng e fetohile mmala jwang! Majwe a sehalalelo a hasane keng dikoung tsa mapatlelo wohle na?

2. Bara ba Sione ba bokgabane, ba hlokwang jwaloka kgauta e hlwekileng, ba badilwe jwang jwaloka hoja ke mafiso a letsopa, e leng mosebetsi wa matsoho a mmopi?

3. Esita le diphiri di ye di ntshe letswele ho anyesa madinyane a tsona; empa moradi wa setjhaba sa ka, yena, o thatathata jwaloka dimpshe tsa lefeella.

4. Leleme la lesea le kgomarela lehanong la hae ke lenyora; ba banyenyane ba kopa bohobe, mme ha ho ya ba ngwathelang bona.

5. Ba neng ba eja menate ba timela mapatlelong; ba neng ba phuthilwe ka purepera ba paqamile dithotobolong.

6. Sebe sa moradi wa setjhaba sa ka se hlile se seholo ho feta sa Sodoma, ya kileng a dihelwa hanghang, ho se matsoho a rometsweng teng.

7. Babusi ba hae ba ne ba hlwekile ho fetisa lehlwa, ba ne ba le basweu ho fetisa lebese; mmele ya bona e ne e le mmala o mofubetswana ho fetisa lejwe la korale, sebopeho sa bona se ne se le jwaloka lejwe la safire.

8. Tshobotsi ya bona e ntsho ho fetisa botsho, ha ba sa tsejwa mapatlelong; letlalo la bona le manne masapong a bona, le omeletse, le jwaloka lehong.

9. Ho iketlile ba bolailweng ke lerumo ho feta ba bolailweng ke tlala; bana ba fedile ba bolailwe ke ho hloka se bewang ke tshimo.

10. Matsoho a basadi ba bonolo a apehile bana ba bona, ya eba dijo tsa bona tshenyehong ya moradi wa setjhaba sa ka.

11. Jehova o phethile kgalefo ya hae, o tsholotse bohale bo tjhesang ba hae, mme hara Sione o besitse mollo o jeleng metheo ya hae.

Dillo Tsa Jeremia 4