50. Jehova a be a nyarele, a bone a le lehodimong.
51. Leihlo la ka le hlomodisa moya wa ka, ka baka la baradi kaofela ba motse wa ka.
52. Ba ntlhoileng feela ba ile ba ntjhehela sefi, jwaloka hoja ke le nonyana.
53. Ba kgaoletse le bophelo ba ka sekoting; ba akgetse lejwe hodima ka.
54. Metsi a ba a nkapesa hlooho, ka re: Ke kgaoletswe.
55. Ka bitsa lebitso la hao, Jehova, ke le sekoting se tebileng tlase.
56. O utlwile lentswe la ka, ha ke itse: O se ke wa thibella ho fehelwa ha ka le mehoweletso ya ka tsebe ya hao.
57. O atametse tsatsing leo ke bitsitseng ho wena, wa re: O se ke wa tshaba.
58. Morena, o ile wa emela nyewe ya moya wa ka, wa lopolla bophelo ba ka.
59. Jehova, o bone botubo ba ka, o nkahlolele ka ho loka.
60. O bone boiphetetso bohle ba bona, le kamoo ba ntherileng kateng.
61. O utlwile dinyefolo tsa bona, Jehova, le merero yohle ya bona bakeng sa ka;
62. le dipolelo tsa ba ntsohelang matla, le merero ya bona bakeng sa ka tsatsi lohle.
63. O tadime ha ba dula leha ba tsoha, ke nna pina ya bona.
64. Jehova, o ba putse ka moputso o lekanang le mosebetsi wa matsoho a bona.
65. O ba nee pelo e thatathata, thohako ya hao e be ho bona.
66. O ba lelekise ka kgalefo, o ba timetse katlasa mahodimo, Jehova!