34. Ha ba hata ba holehilweng bohle ba lefatshe ka maoto a bona,
35. ha ba sekamisa ho loka ha motho, pontsheng ho Mookamedi ya phahameng,
36. ha ba kgohlisa motho nyeweng ya hae, Morena na ha a bone na?
37. Ke mang ya ka bolelang taba e ka etsahalang, ha Morena a sa laele?
38. Ntho tse molemo le tse mpe na ha di hlahe ka molomo wa Mookamedi ya phahameng?
39. Na motho ya phelang a ka itshena na? Motho a mpe a ipelaetse ka sebe sa hae!
40. Re batlisiseng metsamao ya rona, re e nahane, re kgutlele ho Jehova!
41. A re emisetseng dipelo tsa rona le matsoho a rona ho Modimo, mahodimong!
42. Re sitilwe, ra ba ra ikgantsha, mme wena, ha o a ka wa rekolohela.
43. O ikapesitse ka kgalefo, wa re phallela; o bolaile, ha o a ka wa qenehela.