31. Hobane Morena a ke ke a lahla ka ho sa feleng.
32. Leha a hlomodisa, le hona o utlwela motho bohloko ka bongata ba mehauhelo ya hae.
33. Hobane pelo ya hae ha e rate ho utlwisa bohloko le ho hlomodisa bana ba batho.
34. Ha ba hata ba holehilweng bohle ba lefatshe ka maoto a bona,
35. ha ba sekamisa ho loka ha motho, pontsheng ho Mookamedi ya phahameng,
36. ha ba kgohlisa motho nyeweng ya hae, Morena na ha a bone na?
37. Ke mang ya ka bolelang taba e ka etsahalang, ha Morena a sa laele?
38. Ntho tse molemo le tse mpe na ha di hlahe ka molomo wa Mookamedi ya phahameng?
39. Na motho ya phelang a ka itshena na? Motho a mpe a ipelaetse ka sebe sa hae!
40. Re batlisiseng metsamao ya rona, re e nahane, re kgutlele ho Jehova!
41. A re emisetseng dipelo tsa rona le matsoho a rona ho Modimo, mahodimong!
42. Re sitilwe, ra ba ra ikgantsha, mme wena, ha o a ka wa rekolohela.
43. O ikapesitse ka kgalefo, wa re phallela; o bolaile, ha o a ka wa qenehela.
44. O ikwahetse ka leru, thapelo ya rona e tle e se ke ya finyella.
45. O re entse dithole le manyala hara ditjhaba.
46. Dira tsa rona kaofela di re ahlamiseditse melomo ya tsona.
47. Re hlahetswe ke thothomelo le ke lemena hammoho le tshenyo le timelo.
48. Leihlo la ka le tsholla dinoka tsa metsi, ka baka la tshenyeho ya moradi wa setjhaba sa ka.
49. Leihlo la ka le ntse le tsholla meokgo, ha le kgutse, ha ho kamoo le ka itshwarang kateng.