Dillo Tsa Jeremia 3:21-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Ke tsona tseo ke ntseng ke di losa pelong ya ka; ka baka leo, ke tla nne ke tshepe.

22. Ke mehauhelo ya Jehova e entseng hore re se ke ra timela, hobane mohau wa hae ha o fele;

23. e nne e be teng ka hosasa ho hong le ho hong. Botshepehi ba hae bo boholo.

24. Kabelo ya ka ke Jehova, ho rialo moya wa ka; ka baka leo, ke tla mo tshepa.

25. Jehova o molemo ho ya mo tshepang, ho moya o mmatlang.

26. Ho molemo ho motho ho lebella le ho dulela pholoso ya Jehova ka sebete.

Dillo Tsa Jeremia 3