Dillo Tsa Jeremia 3:15-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. O nkgorisitse tse babang, o ntahisitse ka lengana.

16. Hape, o kgephotse meno a ka ka lehlohlojane, o nkgataketse moloreng.

17. O timile moya wa ka kgotso, le lebetse hore na ho ba le lehlohonolo keng?

18. Ka re: Ke feletswe ke tshepo ya ka le ke tebello ya ka ho Jehova.

19. Hopola bosenyehi ba ka le hloreho ya ka; ke lengana feela le mahlomola.

20. Ke ntse ke ikgopotsa, mme moya wa ka o hlomohile ka ho nna.

21. Ke tsona tseo ke ntseng ke di losa pelong ya ka; ka baka leo, ke tla nne ke tshepe.

22. Ke mehauhelo ya Jehova e entseng hore re se ke ra timela, hobane mohau wa hae ha o fele;

23. e nne e be teng ka hosasa ho hong le ho hong. Botshepehi ba hae bo boholo.

24. Kabelo ya ka ke Jehova, ho rialo moya wa ka; ka baka leo, ke tla mo tshepa.

25. Jehova o molemo ho ya mo tshepang, ho moya o mmatlang.

26. Ho molemo ho motho ho lebella le ho dulela pholoso ya Jehova ka sebete.

27. Ho molemo ho motho ha a jara joko botjheng ba hae.

28. A ke a itulele a nnotshi, a ikgutsetse mohla Modimo o mo layang;

29. a ke a bee molomo wa hae leroleng ka ho re: Mohlomong tshepo e teng!

30. a ke a hlahise lerama la hae ho ya mo jabelang, le ho kgora dikgobo.

31. Hobane Morena a ke ke a lahla ka ho sa feleng.

32. Leha a hlomodisa, le hona o utlwela motho bohloko ka bongata ba mehauhelo ya hae.

Dillo Tsa Jeremia 3