Dillo Tsa Jeremia 2:10-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Baholo ba moradi wa Sione ba ituletse fatshe, ba ikgutseditse, ba ithuntsheditse dihlooho ka lerole, ba itlamile ka lesela le mahwashe. Barwetsana ba Jerusalema ba kobotetse fatshe ka dihlooho tsa bona.

11. Mahlo a ka a eba ke ho lla; mala a ka a duma, sebete sa ka se tsholohela fatshe, ka baka la leqeba la moradi wa setjhaba sa ka, ha ngwana le ya anyang ba akgeha mapatlelong a motse.

12. Ba re ho bomma bona: Bohobe le veine di kae na? Ba rialo ba ntse ba fela, jwaloka ba hlabilweng mapatlelong a motse, ba ntse ba neela meya ya bona difubeng tsa bomma bona.

13. Na ke tla o bolella dife? Kapa nka o tshwantsha le eng, moradi wa Jerusalema? Ke tla o bapisa le eng, ke tle ke o tshedise, morwetsana, moradi wa Sione? Hobane tshenyeho ya hao e kgolo, e kaa ka lewatle; ke mang ya ka o fodisang?

14. Baporofeta ba hao ba ile ba o bonela mashano le bosawana, ha ba ka ba o kwahollela bokgopo ba hao, hore ba tle ba kgelose kgoleho ya hao, ba mpa ba o boleletse ditshenolo tsa leshano le tsa thetso.

15. Bohle ba fetang ka tsela ba opa ka diatla bakeng sa hao, ba soma, ba sisinya dihlooho bakeng sa moradi wa Jerusalema, ba re: A ke oo motse oo ba neng ba o bitsa botle bo phethehileng, thabo ya lefatshe lohle?

16. Ba o hloileng bohle ba o ahlamisetsa melomo ya bona, ba soma, ba tsikitlanya meno, ba re: Re mo metsitse; ruri, ke lona letsatsi leo re neng re ntse re le lebeletse, re le fumane, re le bone.

17. Jehova o entse seo a neng a se rerile, o phethile polelo ya hae eo a neng a e laetse esale le mehleng ya kgale; o ripitlile, mme ha a ka a qenehela; o thabisitse ba o hloileng, o phahamisitse lenaka la bao e leng dira ho wena.

18. Pelo tsa bona di howeletsa ho Morena ... Lerako la moradi wa Sione, tsholla meokgo motshehare le bosiu jwaloka hoja o le noka, o se ke wa phomola, thaka ya leihlo la hao e se ke ya lesa ho lla.

19. Tsoha, o dumadume ka bosiu, qalong ya tebelo; o tsholle pelo ya hao jwaloka metsi pela sefahleho sa Morena! Emisetsa diatla tsa hao ho yena, bakeng sa bophelo ba bana ba banyenyane ba hao ba shwang ke tlala koung tsa mapatlelo wohle.

20. Bona, Jehova, o tadime eo o mo entseng jwalo. Ho jwang, ha basadi ba ile ba eja ditholwana tsa bona, bana bao ba bileng ba ba emara? Keng, ha ho ile ha bolawa moprista le moporofeta sehalalelong sa Morena na?

21. Ba batjha le ba hodileng ba rapaladitswe fatshe mapatlelong, barwetsana ba ka le bahlankana ba ka ba wele ke lerumo; o hlile wa bolaya tsatsing la kgalefo ya hao, o bolaile, mme ha o a ka wa qenehela.

22. O bitsitse matsoso a ka ka nqa tsohle, jwaloka hoja ke tsatsi la mokete; ha ho a ka ha eba mophonyohi, leha e le lesiela, tsatsing la kgalefo ya Jehova! bao ke neng ke ba babaletse, ke ba hodisitseng, sera se ba fedisitse.

Dillo Tsa Jeremia 2