21. Ba nkutlwa ha ke ntse ke fehelwa; ha ho ya ntshedisang; bao e leng dira ho nna kaofela ba utlwile tsietsi ya ka, ba thabetse seo o se entseng; o tla hlahisa tsatsi leo o le beileng, ba tle ba tshwane le nna.
22. Bolotsana kaofela ba bona bo ke bo hlahe pela hao, o ba etse kamoo o nkentseng kateng ka baka la bokwenehi bohle ba ka, hobane ho fehelwa ha ka ho hoholo, mme pelo ya ka e a shwa.