1. O ituletse jwang o nnotshi, motse o neng o tletse batho? Motse o neng o le moholo hara ditjhaba o fetohile jwang ntho eo e kang ke mohlolohadi? Eo e neng e le mofumahadi hara ditjhaba o fetohile jwang ya ruilweng?
2. O lla le ho lla ka bosiu, meokgo ya hae e seka marameng a hae; hara barati ba hae kaofela ha ho motshedisi; metswalle ya hae yohle e mo thetsitse, e fetohile dira ho yena.
3. Juda o ile kgolehong ka ho hlomodiswa le ka botubo bo boholo; o hara ditjhaba, a sa bone moo a ka phomolang teng; bahlorisi ba hae kaofela ba mo fihletse a le moo ho patisaneng.
4. Ditsela tsa Sione di ntse di lla, hobane ha ho sa le ba yang meketeng; menyako yohle ya hae e senyehile, baprista ba hae ba fehelwa, barwetsana ba hae ba swabile; a mahlomoleng a maholo.
5. Bao e leng dira ho yena ke beng ba hae, ba mo hloyang ba iketlile, hobane Jehova o mo hlomodisitse ka baka la bongata ba makgopo a hae; bana ba hae ba banyenyane ba ile kgolehong, ba kgannwa ke dira.
6. Bokgabane kaofela ba moradi wa Sione bo fedile ho yena, baholo ba hae ba jwaloka ditholo tse sa boneng makgulo, tse balehang di feletswe ke matla pela ba di lelekisang.
7. Matsatsing a hae a mahlomola le a tshenyeho, Jerusalema o hopola ntho tsohle tse ratehang tsa hae, tseo a neng a ena le tsona mehleng ya pele. O di hopola jwale, ha setjhaba sa hae se wetse matsohong a dira, ho se ya mo thusang; dira di a bona, di soma ka bomadimabe ba hae.
8. Jerusalema o sitilwe, o sitilwe; ka baka leo, o fetohile manyala, bohle ba neng ba mo hlonepha ba mo nyedisa, hobane ba bone bofeela ba hae, le hona o a fehelwa, mme o tadima kasanthao.
9. Ditshila tsa hae di teng mosehong wa kobo ya hae; ha a ka a hopola qetello ya hae, mme o wele ka mokgwa o makatsang; ha ho ya mo tshedisang. Jehova, tadima bosenyehi ba ka, hobane sera se a ithorisa.