Diketso 9:32-43 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

32. Petrose ha a ntse a etela barutuwa kaofela, a tla le ho bahalaledi ba ahileng Lida.

33. A fihlela monna teng, ya bitswang Enea, a sekame diphateng e se e le dilemo tse robileng meno e le mmedi; o ne a omeletse ditho.

34. Petrose a re ho yena: Enea, Jesu Kreste o a o fodisa; tsoha, a alole diphate tsa hao. Mme a phakisa a tsoha.

35. Bohle ba ahileng Lida le Sarone ba mmona, ba ba ba sokolohela ho Morena.

36. Motseng wa Jopo, mosadi o ne a le teng, e leng morutuwa, ya bitswang Tabitha, ke ho re Dorkase, ha ho fetolwa; o ne a tletse mesebetsi e metle le dithuso tseo a neng a di etsa.

37. A tshwarwa ke bohloko mohlang oo, a shwa. Yare hobane ba mo hlatswe, ba mmea phaposing e kahodimo.

38. Erekaha Lidda a le haufi le Jopo, yare ha barutuwa ba utlwa hobane Petrose o teng, ba mo romella banna ba babedi, ho mo rapela hore a tle ho bona, a se ke a dieha.

39. Yaba Petrose o tloha, a tla le bona. Yare ha a fihla, ba mo isa phaposing e kahodimo; basadi ba bahlolohadi kaofela ba itlhahisa pela hae, ba ntse ba lla, ba mmontsha mese le diaparo tseo Dorkase a neng a ba etsetsa tsona, ha a sa na le bona.

40. Petrose a re, ba ke ba tswele ntle kaofela; yaba o kgumama ka mangwele, a rapela, a ntoo retelehela ho setopo, a re: Tabitha, tsoha! Yaba eo o tutubolla mahlo, mme ha a bona Petrose, a dula.

41. Petrose a mo tshwara ka letsoho, a mo emisa, mme eitse hobane a bitse bahalaledi le bahlolohadi, a ba nea yena a boetse a phela.

42. Hoo ha tsejwa ke ba motse wa Jopo kaofela, mme ha dumelwa ho Morena ke ba bangata.

43. Petrose a dula Jopo matsatsi a mangatanyana, a dutse ha monna ya bitswang Simone, mosuhi wa matlalo.

Diketso 9