Diketso 9:31-39 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

31. Jwale, dikereke di ne di dutse ka kgotso kahohle Judea, le Galelea, le Samaria; di ne di hahiswa, di tsamaya ka tshabo ya Morena; mme di ne di anafala ka tshediso ya Moya o Halalelang.

32. Petrose ha a ntse a etela barutuwa kaofela, a tla le ho bahalaledi ba ahileng Lida.

33. A fihlela monna teng, ya bitswang Enea, a sekame diphateng e se e le dilemo tse robileng meno e le mmedi; o ne a omeletse ditho.

34. Petrose a re ho yena: Enea, Jesu Kreste o a o fodisa; tsoha, a alole diphate tsa hao. Mme a phakisa a tsoha.

35. Bohle ba ahileng Lida le Sarone ba mmona, ba ba ba sokolohela ho Morena.

36. Motseng wa Jopo, mosadi o ne a le teng, e leng morutuwa, ya bitswang Tabitha, ke ho re Dorkase, ha ho fetolwa; o ne a tletse mesebetsi e metle le dithuso tseo a neng a di etsa.

37. A tshwarwa ke bohloko mohlang oo, a shwa. Yare hobane ba mo hlatswe, ba mmea phaposing e kahodimo.

38. Erekaha Lidda a le haufi le Jopo, yare ha barutuwa ba utlwa hobane Petrose o teng, ba mo romella banna ba babedi, ho mo rapela hore a tle ho bona, a se ke a dieha.

39. Yaba Petrose o tloha, a tla le bona. Yare ha a fihla, ba mo isa phaposing e kahodimo; basadi ba bahlolohadi kaofela ba itlhahisa pela hae, ba ntse ba lla, ba mmontsha mese le diaparo tseo Dorkase a neng a ba etsetsa tsona, ha a sa na le bona.

Diketso 9