22. Haele Saule, a nna a ipha matla a maholo, a hlola Bajuda ba ahileng Damaseka, ka ho ba bontsha hore Jesu ke Kreste.
23. Kamora tsiu tse ngatanyana, Bajuda ba rera ho mmolaya;
24. empa Saule a tsebiswa morero wa bona. Ba ne ba lebela menyako ya motse, motshehare le bosiu, hore ba tle ba mmolaye;
25. empa barutuwa ba mo nka bosiu, ba ema hodima lerako, ba mo lepelletsa fatshe ka seroto.
26. Saule eitse ha a fihla Jerusalema, a leka ho kopana le barutuwa; empa ba ne ba mo tshaba kaofela, ba se ke ba dumela hobane e se e le morutuwa.
27. Yaba Barnabase o mo nka, a mo isa ho baapostola, a ba phetela kamoo a boneng Morena tseleng kateng, a bileng a buile le yena, le kamoo a boletseng lebitso la Jesu ka matla motseng wa Damaseka kateng.
28. Saule a nna a dula le bona Jerusalema, a ntse a kena, a etswa.
29. A bua ka lebitso la Morena Jesu a sa tshabe letho, a fetolana le Bajuda ba Bagerike; empa bona ba rata ho mmolaya.
30. Yare ha barutuwa ba utlwa hoo, ba mo isa Sesarea, ba ntoo mo romela Tarese.
31. Jwale, dikereke di ne di dutse ka kgotso kahohle Judea, le Galelea, le Samaria; di ne di hahiswa, di tsamaya ka tshabo ya Morena; mme di ne di anafala ka tshediso ya Moya o Halalelang.
32. Petrose ha a ntse a etela barutuwa kaofela, a tla le ho bahalaledi ba ahileng Lida.
33. A fihlela monna teng, ya bitswang Enea, a sekame diphateng e se e le dilemo tse robileng meno e le mmedi; o ne a omeletse ditho.
34. Petrose a re ho yena: Enea, Jesu Kreste o a o fodisa; tsoha, a alole diphate tsa hao. Mme a phakisa a tsoha.
35. Bohle ba ahileng Lida le Sarone ba mmona, ba ba ba sokolohela ho Morena.
36. Motseng wa Jopo, mosadi o ne a le teng, e leng morutuwa, ya bitswang Tabitha, ke ho re Dorkase, ha ho fetolwa; o ne a tletse mesebetsi e metle le dithuso tseo a neng a di etsa.
37. A tshwarwa ke bohloko mohlang oo, a shwa. Yare hobane ba mo hlatswe, ba mmea phaposing e kahodimo.
38. Erekaha Lidda a le haufi le Jopo, yare ha barutuwa ba utlwa hobane Petrose o teng, ba mo romella banna ba babedi, ho mo rapela hore a tle ho bona, a se ke a dieha.
39. Yaba Petrose o tloha, a tla le bona. Yare ha a fihla, ba mo isa phaposing e kahodimo; basadi ba bahlolohadi kaofela ba itlhahisa pela hae, ba ntse ba lla, ba mmontsha mese le diaparo tseo Dorkase a neng a ba etsetsa tsona, ha a sa na le bona.
40. Petrose a re, ba ke ba tswele ntle kaofela; yaba o kgumama ka mangwele, a rapela, a ntoo retelehela ho setopo, a re: Tabitha, tsoha! Yaba eo o tutubolla mahlo, mme ha a bona Petrose, a dula.